Mattheu 25:4 - BIBELE athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ba bohlale ba nka ole dipitseng tsa bona, hammoho le dilampi tsa bona. Baasraak Sotho NT Empa ba bohlale ba nka ole ka dipitseng tsa bona, le mabone a bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ba bohlale ba nka ole ka dipitseng tsa bona, le mabone a bona. |
“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.
“Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.
Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.
Lona ha le laolwe ke botho, le laolwa ke Moya, haeba Moya wa Modimo o fela o phela ka ho lona; athe ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa Kreste.
ya re tshwaileng ka letshwao la hae, mme ya re fileng Moya o Halalelang dipelong tsa rona, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.
Empa lona le na le Moya o Halalelang oo le o neilweng ke Kreste, mme bohle le tseba nnete.
Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.