Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 7:24 - BIBELE

24 “Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 7:24
41 Referencias Cruzadas  

“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”


Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla.


Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa, ba hlokang mano e ba nea kutlwisiso.


Ke hlalefile ho feta bohle ba nthutileng, hobane ke nahana ditemoso tsa hao.


Sefefo se sheshena ya kgopo se ye le yena, motheo wa ya lokileng o hlola kamehla yohle.


Ya bohlale o tla mamela molao pelong ya hae, sethoto se beberang sona se tla timela.


Ho hlolwa ha ba kgopo ke ho fela ha bona, athe lapa la ya lokileng lona le tiya kamehla.


Ya bohlale o tseba ho kgetha tsela ya hae, sethoto se ithetsa ka bothoto ba sona.


Mang kapa mang ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena eo e leng ngwaneso, le kgaitsedi, le mme.”


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?


Ba bahlano ba bona e ne e le dithoto, ba bahlano e le ba bohlale.


athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona.


“Ba bohlale ba araba, ba re: ‘Tjhe, e ke ke ya lekana rona le lona; le ka mpa la ya ho barekisi, la ithekela.’


Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, empa ha ya ka ya wa, hobane e ne e theilwe hodima letlapa.


Athe mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a sa di phethe, o tla tshwantshwa le motho ya sethoto, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.


“Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.


Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


Ba lokileng pela Modimo hase ba utlwang Molao ka ditsebe feela, empa ba phethang Molao ke bona ba tla lokafatswa.


Seo re tsebang ka sona hore re a mo tseba, ke ha re boloka ditaelo tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos