Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:16 - BIBELE

16 “Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:16
25 Referencias Cruzadas  

Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?”


Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”


Ka lebaka lena, ka bea batho kamora lerako moo le sa leng tlase, ka ba bea ka malapa abo bona, ba tshwere disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.


Empa Gedaleya, mora wa Ahikama, a re ho Johanane, mora wa Karea: “O se ke wa etsa jwalo, hobane seo o se buang ka Ishemaele hase nnete.”


“Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria.


Jwale, ke le boleletse e sa le pele.


“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?


Ba bahlano ba bona e ne e le dithoto, ba bahlano e le ba bohlale.


athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona.


“Ba bohlale ba araba, ba re: ‘Tjhe, e ke ke ya lekana rona le lona; le ka mpa la ya ho barekisi, la ithekela.’


Eyang! Bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri.


hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.


Ke a tseba hore, ha ke se ke tlohile, diphiri tse sehloho di tla kena hara lona, mme di ke ke tsa qenehela mohlape.


Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Hoo ha ho makatse, hobane le Satane o iketsa e ka ke lengeloi la lesedi.


Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.


Re ntse re leka ho phema hore ho se be ya ka nyatsang tshebediso ya rona ya dithusohadi tsena,


e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng,


Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae.


Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang.


Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng.


mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos