Se seng sa diroto tsena se ne se tshetse feiye e ntle, e tshwanang le feiye e butswang pele; se seng sona se tshetse feiye e bodileng, hoo e neng e ke ke ya jewa.
Mattheu 25:2 - BIBELE Ba bahlano ba bona e ne e le dithoto, ba bahlano e le ba bohlale. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba bahlano ho bona e be e le ba bohlale, ba bahlano ba bang e be e le mawatla. Baasraak Sotho NT Ba bahlano ba bona e ne e le ba bohlale, ba bahlano e le mawatla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba bahlano ba bona e ne e le ba bohlale, ba bahlano e le mawatla. |
Se seng sa diroto tsena se ne se tshetse feiye e ntle, e tshwanang le feiye e butswang pele; se seng sona se tshetse feiye e bodileng, hoo e neng e ke ke ya jewa.
“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.
“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?
“Ba bohlale ba araba, ba re: ‘Tjhe, e ke ke ya lekana rona le lona; le ka mpa la ya ho barekisi, la ithekela.’
Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.
Le hoja le se le tseba tsena tsohle ka ho tlala, ke rata ho le hopotsa hore, e ne e re hoba Morena a pholose setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o ile a fedisa ba sa kang ba dumela.