La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 25:14 - BIBELE

“Ho tla ba jwalokaha motho ya neng a etela naheng e hole a ile a bitsa bahlanka ba hae, a re ba sale le maruo a hae.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane ho jwaloka motho ya etang, eo eitseng hobane a bitse bahlanka ba hae, a ba neela letlotlo la hae.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane mmuso wa mahodimo o jwaloka motho ya etang, a bitsa bahlanka ba hae, a ba nea maruo a hae.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane mmuso wa mahodimo o jwaloka motho ya etang, a bitsa bahlanka ba hae, a ba nea maruo a hae.

Ver Capítulo



Mattheu 25:14
13 Referencias Cruzadas  

“Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.


Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.


Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele.


Ho na le dineo tse fapaneng, empa Moya o fanang ka tsona o mong.


Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.


Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,