A ke ke a tshoswa ke ho utlwa taba tse bohloko, pelo ya hae e matlafetse, o tshepile Morena;
Mattheu 24:6 - BIBELE Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo. Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo. Baasraak Sotho NT Le tla utlwa dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le hlokomele hore le se tshohe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tla utlwa dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le hlokomele hore le se tshohe; |
A ke ke a tshoswa ke ho utlwa taba tse bohloko, pelo ya hae e matlafetse, o tshepile Morena;
Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”
Le re ho yena: ‘Itlhokomele, o be sebete, o se ke wa tshaba, o se ke wa nyahamiswa pelo ke dikoqonyana tseno tse pedi tse kubellang, e leng kgalefo ya Resine le ya Baarame, le ya mora wa Remaleya.
Wena sabole ya Morena, o tla phomola neng? Boela selateng sa hao, o phomole, o ikgutsetse.
“Wena ngwana motho, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena ka Baamone le mahlapa a bona: “ ‘Sabole! Sabole! E ntshitswe selateng ho bolaya, ya tshotswa hore e timetse, e phatsime sa lehadima.
Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.”
Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le meferefere, le se ke la tshoha, hobane eka kgona tseo di etsahale pele, empa bofelo bo ke ke ba eba teng hanghang.”
Ke a le bolella hore se ngotsweng, se reng: ‘O baleletswe le baetsadibe’, eka kgona se phethahale ho nna, hobane se ngotsweng ka nna se tla phethahala.”
Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.
Le se phakise ho ferekana maikutlo kapa ho tshoswa ke boporofeta, kapa dipolelo, kapa lengolo leo ho ka thweng le tswa ho rona, le reng Letsatsi la ho tla ha Morena le fihlile.
Yaba ho tswa pere e nngwe hape, e kgunong. Ya e palameng a newa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, e le hore batho ba tle ba bolayane. A ba a newa sabole e kgolohadi.