Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 6:4 - BIBELE

4 Yaba ho tswa pere e nngwe hape, e kgunong. Ya e palameng a newa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, e le hore batho ba tle ba bolayane. A ba a newa sabole e kgolohadi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mme ha tswa pere e nngwe e kgunong, mme ya e kaletseng a fuwa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, hore batho ba bolayane, mme a newa lerumo le leholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Mme ha tswa pere e nngwe e kgubedu, mme ya e kaletseng a newa matla a ho tlosa kgotso lefatsheng, le hore batho ba bolayane, mme a newa sabole e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mme ha tswa pere e nngwe e kgubedu, mme ya e kaletseng a newa matla a ho tlosa kgotso lefatsheng, le hore batho ba bolayane, mme a newa sabole e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 6:4
17 Referencias Cruzadas  

Thusa, Morena! Ba futuhele, o ba dihe; ka sabole ya hao pholosa bophelo ba ka ho ba kgopo;


Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa.


Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu.


Kariki ya pele e ne e hulwa ke dipere tse kgunong, ya bobedi e hulwa ke tse ntsho,


“Le se ke la hloma eka ke tlisitse kgotso lefatsheng; ha ke a tlisa kgotso, ke tlisitse sabole.


Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.


Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”


Ha hlaha pontsho e nngwe hape lehodimong. E ne e le kganyapa ya tonana, e kgubedu, e dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e supileng dihloohong tsa yona.


Ya abetsweng ho ya bothopuweng o tla ya bothopuweng. Ya abetsweng ho bolawa ka sabole o tla bolawa ka sabole. Mona ho batleha tiisetso le tumelo ya badumedi.


Lengeloi leo la nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya palameng sebatana se sefubedu, se ngotsweng kamahohle mabitso a nyefolang, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.


Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos