Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:7 - BIBELE

7 Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Hobane setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla, mme ho tla ba le ditlala, le mafu a sewa, le ditshisinyeho tsa lefatshe nqalong tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Hobane setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla, mme ho tla ba le ditlala, le mafu a sewa, le ditshisinyeho tsa lefatshe nqalong tse ngata.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:7
20 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba tsa timetsana, le metse ya timetsana, hobane Modimo o ne a ba tliseditse ditsietsi tsohle.


“Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong.


Morena wa mabotho o tla o pholosa, a o pholose ka diaduma le ka tshisinyeho ya lefatshe, a o pholose ka rata le leholo, ka sefefo le setsokotsane le malakabe a timetsang.


“Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona!


Lesupi! Lesupi! Motse ona ke tla o etsa lesupi! Ha o ka ke wa tsoswa ho fihlela eo e leng monga wona a fihla, ebe ke mo nea wona.’ ”


Mohla tsatsi leo, Morena o tla etsa hore batho ba tshohe haholo. Motho o tla tshwara wa habo ka letsoho, mme ba tla lwantshana.


Dibakeng tse ding ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa, le ditlala, le matshabeho, le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong.


E mong wa bona ya bitswang Agabuse, a ema, a dupa ka Moya o Halalelang hore ho se ho tla ba le tlala e kgolo lefatsheng lohle; ya fela ya eba teng mehleng ya ha ho ne ho busa Tlelaudiose.


Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo tlase, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi.


Jwale mantswe ana, “hanngwe hape”, a bolela ho tloswa ha dintho tse ka sisinngwang, tse bopilweng, hore ho tle ho sale tse ke keng tsa sisinngwa.


Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa botshelela; tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, letsatsi la ntshofala jwaloka lesela la bofifi, le entsweng ka boditse, kgwedi yohle ya tlerefala jwaloka madi,


Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa boraro, ka utlwa sebopuwa sa boraro se phelang, se re: “Tloo!” Ka tadima, mme ka bona pere e ntsho, ya e palameng a nkile sekala ka letsohong la hae.


Ka utlwa ho kang lentswe le tswang hara dibopuwa tse nne tse phelang, le re: “Seroto sa koro se rekwa ka denare; diroto tse tharo tsa harese di rekwa ka denare, empa le se ke la senya ole le veine.”


Ka tadima, mme ka bona pere e tshehla ba ditau, lebitso la ya e palameng e le Lefu, mme a setswe morao ke Nqalo ya Bafu. Yaba ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore ba bolaye ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka dibatana tsa naha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos