Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:8 - BIBELE

8 Dintho tsena tsohle ke qaleho ya ditlokotsi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ya tlokotsi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Tsena tsohle ke qalo ya bohloko.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Tsena tsohle ke qalo ya bohloko.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:8
12 Referencias Cruzadas  

Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Baarame ba tswang botjhabela, le Bafilesita ba tswang bophirimela, ba kwentse Baiseraele bokwiditane: Leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae, empa Efraime ke ngwana ya sethoto, o lesisitheho ho belehwa ka nako ya teng.


Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata, le ditlala tsa sekoboto. Tsena ke qaleho ya ditlokotsi.


“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.


Morena o tla o otla ka mafu a sewa a makatsang, wena le ditloholo tsa hao; e be mafu a sewa a maholo, a sa foleng, le malwetse a bohloko, a sa foleng.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Mamelang, lona barui, bokollang, le llele bosoto bo tlang ho le wela hodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos