Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:9 - BIBELE

9 “Mohlang oo ba tla neelana ka lona hore le hlokofatswe, mme ba tla le bolaya. Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Mohlang oo ba tla nehelana ka lona mahlomoleng, ba le bolaye, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mohlang oo ba tla nehelana ka lona mahlomoleng, ba le bolaye, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:9
26 Referencias Cruzadas  

Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang, ba sa lokang ba nyonya ba lokileng.


“Bahlalefi ba tla ruta batho ba bangata, le hoja ka nakwana ba tla bolawa ka sabole, ba tjheswe ka mollo, ba thopuwe, ba jewe le maruo a bona.


Ba bang ba tshwara bahlanka ba kgosi, ba ba etsa hampe, mme ba ba bolaya.


Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle;


Ka baka leo, Modimo, ka bohlale ba hae, o ile a re: ‘Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba bang ba bona ba tla bolawa, le ho hloriswa,


“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.


“Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona.


Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng.


Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.


Empa re fumana ho lokela ho utlwa tseo wena o di hopolang, hobane seo re se tsebang ke hore, ha e le mokga ona, o hanyetswa hohle.”


Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka!”


Empa ya hlokofatswang kahobane e le Mokreste, a se ke a ba dihlong, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo.


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.


o re: Ke tseba moo o ahileng teng: Ke moo terone ya Satane e leng teng. Empa o kgomaretse lebitsong la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, esita le mohla Antipase, paki ya ka e tshepahalang, a neng a bolaelwa ha habo lona, moo Satane a ahileng teng.


Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos