Mattheu 24:35 - BIBELE Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.” Sesotho 1909/1961 (SO) Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta. Baasraak Sotho NT Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta. |
le tjhaba ntlheng e nngwe ya mahodimo, le potoloha ho fella ntlheng e nngwe; ha ho letho le ka balehang mofuthu wa lona.
Feela Davida nke ke ka mo amoha, ka mo amoha mohau wa ka, ka kweneha botshepehing ba ka.
Naledi tsohle tsa lehodimo di tla nyamela, mahodimo a phuthwe sa ha ho phuthuwa lengolo; naledi tsohle di tla wela fatshe, di we sa mahaba a morara, sa mahaba a omeletse, sa feiye ha e hlohloreha sefateng.
Lelatsang mahlo le tadime mahodimong, le be le tadime le tlase, lefatsheng; mahodimo a tla nyamela sa mosi ha o nyamela, lefatshe le tsofale jwaloka seaparo, baahi ba lona ba shwe jwaloka dintsintsi. Empa ho pholosa ha ka ke ha kamehla yohle, le ho loka ha ka ha ho ka ke ha fediswa.
Leha dithaba di ka sisinngwa le maralla a suthiswa, lerato la ka le matla ho wena le ke ke la sisinyeha, kapa selekane sa ka sa kgotso sa fediswa,” ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.
le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.
Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?
Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.
e re neang tshepo ya bophelo bo sa feleng. Modimo ya sa thetseng o re tshepisitse bophelo bona, mehla e eso be teng.
empa lentswe la Modimo le tla hlola kamehla.” Lentswe lena ke Molaetsa o Molemo oo le o boleletsweng.
Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.
“Ngolla moruti wa kereke e Laodisea, o re: “Tsena di bolelwa ke Amen, eo e leng paki e tshepahalang, ya nnete, mohlodi wa tsohle tse bopilweng ke Modimo,
Lehodimo la meneha jwaloka buka ha e kwalwa, mme dithaba tsohle le dihlekehleke tsa suthiswa ditulong tsa tsona.