Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 40:8 - BIBELE

8 Jwang bo a pona, palesa di foforehe, empa ntswe la Modimo wa rona le hlola kamehla.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwang bo a omella, palesa e a foforeha, empa lentswe la Modimo wa rona le tiile ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 40:8
15 Referencias Cruzadas  

di etseditswe mehla yohle, di hlophilwe ka botshepehi le ka ho loka.


“Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.


“Morena o re: ‘Seo e tla ba pontsho ho lona ke hore ke tla le otlela hona sebakeng sena, le tle le tsebe hore mantswe a ka a ho le dihela koduwa a a phethahala.’


Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla. “Jwale ba baka, ba re: ‘Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.’ ”


Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”


Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa.


Yaba letshwele le a mo araba, le re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng, empa wena o bolela jwang ha o re eka kgona Mora Motho a phahamiswe? Mora enwa wa motho ke mang?”


empa lentswe la Modimo le tla hlola kamehla.” Lentswe lena ke Molaetsa o Molemo oo le o boleletsweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios