“Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe.
Mattheu 24:10 - BIBELE Jwale ba bangata ba tla wa, ba ekane, ba hloyane. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba tla hloyana. Baasraak Sotho NT Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba hloyana. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba hloyana. |
“Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe.
empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha.
Ba kgopiseha ke yena. Jesu a re ho bona: “Moporofeta o hlomphuwa hohle haese motseng wa habo le tlung yabo feela.”
“Motho o tla ekelwa lefu ke ngwanabo, le ngwana ke ntatae, mme bana ba tla fetohela batswadi, ba ba bolaye.
empa ha ba na metso ka ho bona, ke batho ba mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la lentswe, ba phakisa ho kweneha.
Batswadi ba lona, le bana babo lona, ba tla neelana ka lona, mme ba tla bolaya ba bang ba lona.
O a tseba hore bohle naheng ya Asia, esita le Fugelose le Heremogenese, ba ile ba nkwenehela.
hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.
Ha ke ne ke qala ho ikarabella kgotla, ha ho ya kileng a nkemela, empa bohle ba ile ba ntshabella. E se e ka ba ke ke ba ahlolelwa hoo.