Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:57 - BIBELE

57 Ba kgopiseha ke yena. Jesu a re ho bona: “Moporofeta o hlomphuwa hohle haese motseng wa habo le tlung yabo feela.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

57 Mme ba kgoptjwa ho yena. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlompho haese naheng ya habo le tlung ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

57 Mme ba kgoptjwa ke yena. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlompho, haese naheng ya habo, le tlung ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

57 Mme ba kgoptjwa ke yena. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlompho, haese naheng ya habo, le tlung ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:57
19 Referencias Cruzadas  

Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


Ke yena eo e tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele, ke yena lejwe le tla ba kgopa, ke yena lefika le tla ba thula, ho baahi ba Jerusalema e be sefi, e be leraba.


Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ka baka la ka!”


Moo teng ha a ka a etsa diketso tse matla, tse hlollang, ka baka la ho se dumele ha bona.


Jesu a tloha moo, a fihla motseng wa habo, mme barutuwa ba hae ba mo latela.


Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena.


Na eo hase mmetli wa mapolanka, mora Maria, le ngwanabo Jakobo, le Joseta, le Juda le Simone na? Na dikgaitsedi tsa hae ha di hara rona moo?” Ba kgopiseha ke yena.


Jesu a re ho bona: “Moporofeta o hlomphuwa hohle haese motseng wa habo hara bang ka yena, le tlung yabo feela.”


Jwale a re: “Ruri ke a le bolella, ke re: Ha ho moporofeta ya amohelehang motseng wa habo.


ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.”


hobane Jesu ka sebele sa hae o ile a bolela hore moporofeta ha a hlomphuwe ha habo.


mme ba re: “Na Jesu eo hase mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: ‘Ke theohile lehodimong’?”


Empa Jesu, ka ho tseba hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka taba ena, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos