Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”
Mattheu 23:9 - BIBELE Mona lefatsheng le se ke la bitsa motho ‘Ntata lona,’ hoba le na le Ntate a le mong, lehodimong. Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane o mong feela eo e leng Ntata lona, ke ya leng mahodimong. Baasraak Sotho NT Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane Ntata lona o mong, ya mahodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane Ntata lona o mong, ya mahodimong. |
Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”
Ha Elisha a bona hona a howeletsa, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!” Yare ha a se a sa mmone, a tshwara diaparo tsa hae, a di tabola ka lehare.
“Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’
Tsena tsohle di labalabelwa ke bahedene; athe Ntata lona ya mahodimong o tseba hore le di hloka tsohle.
Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?
Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo.
Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle.
Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?
Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.