Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 7:11 - BIBELE

11 Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme lona, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lona ntho tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho yena tse molemo!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba mo kopang tse molemo?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba mo kopang tse molemo?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 7:11
35 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.


Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.


Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, le tsena o di tsebisitse mothwana ya kang nna!


a ka tshepa motho jwang, a le manyala, a tletse podile, a momorotsa bokgopo sa metsi a mophoko?”


Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.


Botshepehi bo tla ropoha lefatsheng, ho loka ho tla theoha lehodimong.


Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.


Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena.


“Na mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang, a se ka hauhela ngwana wa popelo ya hae? Leha yena a ka lebala, nna ha nka ke ka o lebala!”


Ke tla bolela tsa rato la Morena le sa feleng, le ketso tseo a lokelang ho di rorisetswa, ho ya ka tsohle tseo a re etseditseng tsona, melemo e meholo ho ba ntlo ya Iseraele, eo a ba abetseng yona ho ya ka mehauhelo ya hae, le ho ya ka ketso tsa hae tsa lerato, tse ngata.


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


“Bonang, matsatsi a a tla, ao ka wona ke tla phethahatsa ditshepiso tse molemo, tseo ke di etseditseng ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda,” ho rialo Morena.


Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.


Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.


“Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’


Mona lefatsheng le se ke la bitsa motho ‘Ntata lona,’ hoba le na le Ntate a le mong, lehodimong.


Kapa ha a mo kopa tlhapi, ebe o mo fa noha?


“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


Jwale? Na re feta ba bang? Le hanyenyane! Re se re bontshitse hore Bajuda le baditjhaba, bohle ba matleng a sebe,


Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?


Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.


Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos