Mattheu 21:9 - BIBELE Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo! Baasraak Sotho NT Matshwele a eteletseng pele le a latelang a howa, a re: Hosanna ho Mora Davida! Hosanna mahodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Matshwele a eteletseng pele le a latelang a howa, a re: Hosanna ho Mora Davida! Hosanna mahodimong. |
Ha Jesu a kena Jerusalema, motse wohle wa hlokoleha. Batho ba botsa, ba re: “Eo ke mang?”
Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo.
Ke a o bolella hore ho tloha jwale ha le sa tla mpona ho fihlela le re: ‘Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!’ ”
Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!”
Bonang, ntlo ya lona a sala e le dithako. Ha le ka ke la mpona ho fihlela le re: ‘Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!’ ”
“Tlotla e be ho Modimo mahodimong a hodimodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho ba mo kgahlang!”