Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:39 - BIBELE

39 Ke a o bolella hore ho tloha jwale ha le sa tla mpona ho fihlela le re: ‘Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 hobane ke re ho lona: Ho qala jwale, ha le ka ke la hlola le mpona, ho be ho fihle mohla le tla re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

39 Hobane ke re ho lona: Ho tloha jwale ha le sa tla mpona, ho fihlela le re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Hobane ke re ho lona: Ho tloha jwale ha le sa tla mpona, ho fihlela le re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:39
15 Referencias Cruzadas  

Ho bokwe ya tlang ka bitso la Morena: Re le hlohonolofatsa re le ka tlung ya Morena.


Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”


A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.


Jesu a re ho yena: “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha o a ka wa ntseba, Filipi? Ya mponeng o bone Ntate; o bolela jwang ha o re: ‘Re bontshe Ntate’?


A re ho bona hape: “Ke a tsamaya; le tla mpatla, mme le tla shwela sebeng sa lona; moo ke yang teng, le ke ke la tla.”


Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.”


Aborahama, ntata lona, o ile a nyakallela hore a bone letsatsi la ka, a ba a le bona, mme a thaba.”


Bana beso, ho na le sephiri seo ke sa rateng hore le hloke tsebo ya sona, esere la ipona le le bohlale: e leng hore karolo e itseng ya setjhaba sa Iseraele e tla thatafala ho fihlela ha ho kene palo e lekaneng ya baditjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos