a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.
Mattheu 21:11 - BIBELE Matshwele a re: “Enwa ke moporofeta Jesu, ya tswang Nasaretha e Galelea.” Sesotho 1909/1961 (SO) Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea. Baasraak Sotho NT Mme bongata ba re: Enwa ke Jesu moporofeta wa Nasaretha wa Galelea. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bongata ba re: Enwa ke Jesu moporofeta wa Nasaretha wa Galelea. |
a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.
Ha Jesu a kena Jerusalema, motse wohle wa hlokoleha. Batho ba botsa, ba re: “Eo ke mang?”
Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.”
Ba ne ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba matshwele, hobane a ne a tadima Jesu e le moporofeta.
Ba bang ba ne ba re ke Elia; ba bang bona ba re ke moporofeta ya jwaloka e mong wa baporofeta.
Leha ho le jwalo, eka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane le kamoso, hobane ho ke ke ha etsahala hore moporofeta a bolaelwe kantle ho Jerusalema.
A re ho bona: “Dife?” Ba re ho yena: “Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla diketsong le dithutong pela Modimo le pela setjhaba sohle,
Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”
Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.”
Ba mmotsa, ba re: “Ha ho le jwalo o mang? Na o Elia?” A re: “Ha ke yena.” “Na o Moporofeta?” A araba, a re: “Tjhe.”
Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.”
Jwale ha ba bang letshweleng ba utlwa dipolelo tsena, ba re: “Kannete ke yena Moporofeta!”
Ba re hape ho sefofu: “Wena o reng ka yena, ha e le moo a o tutubolotse mahlo?” Sa re: “Ke moporofeta.”
Ke yena Moshe enwa ya itseng ho bana ba Iseraele: ‘Hara bana babo lona, Modimo o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna.’