Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Matshwele a re: “Enwa ke moporofeta Jesu, ya tswang Nasaretha e Galelea.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Mme bongata ba re: Enwa ke Jesu moporofeta wa Nasaretha wa Galelea.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Mme bongata ba re: Enwa ke Jesu moporofeta wa Nasaretha wa Galelea.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:11
20 Referencias Cruzadas  

Ha a fihla teng, a aha motseng o bitswang Nasaretha, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ho thwe: O tla bitswa Monasarene.


Eitse ha a kena Jerusalema, motse wohle wa hwerehana, wa re: Enwa ke mang na?


Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, re tshaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moporofeta.


Mme ba batla ho mo tshwara; empa ba tshaba bongata, kahobane ba ne ba re, Jesu ke moporofeta.


Ba bang ba ne ba re: Ke Elia; ba bang ba re: Ke moporofeta, leha e le ya jwaloka e mong wa baporofeta.


Empa e ka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane, le kamoso; hobane ha ho lokele hore moporofeta a bolawe kantle ho Jerusalema.


A re ho bona: Dife? Ba re: Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla mesebetsing le dipolelong tsa hae pela Modimo le pela setjhaba sohle;


Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.


Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.


Ba mmotsa, ba re: Ke ho reng? A o Elia na? A re: Ha ke yena. A o moporofeta eo na? A araba, a re: Tjhe.


Ba boela ba mmotsa, ba re ho yena: Ha o se Kreste, o se Elia, o se moporofeta eo, ke ka baka lang ha o kolobetsa na?


Mosadi a re ho yena: Morena, ke a bona hobane o moporofeta.


Mme batho bao, eitse ha ba bone mohlolo o entsweng ke Jesu, ba re: Kannete enwa ke moporofeta eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.


Ba bangata hara batho ba bokaneng, eitse ha ba utlwa polelo eo, ba re: Kannete enwa ke moporofeta.


Ba boela ba re ho sefofu: Wena, o reng ka yena, ha a o tutubolotse mahlo? A re: Ke moporofeta.


Esale Moshe eo ya kileng a re ho bana ba Iseraele: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; mo utlweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos