Mattheu 2:18 - BIBELE “Mohoo o utlwahetse Rama: seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediseha, hobane ha ba sa le yo.” Sesotho 1909/1961 (SO) Mohoo o utlwahetse Rama, wa pohomela, wa dillo, wa mahlomola a maholo: Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediswa, hobane ba le siyo. Baasraak Sotho NT Lentswe la utlwahala Rama, la sello, le dillo, le dillo tse kgolo, Ragele a llela bana ba hae, a hana ho tshediswa, kahobane ha ba sa le yo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lentswe la utlwahala Rama, la sello, le dillo, le dillo tse kgolo, Ragele a llela bana ba hae, a hana ho tshediswa, kahobane ha ba sa le yo. |
Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”
Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”
Ke utlwile sello se kang sa mosadi a pepa, modumaelo o kang wa mosadi, mosadi wa letsibolana; sello sa moradi wa Sione ha a fehelwa, ha a itelela, a phakalatsa matsoho, a re: “Ka tla ka le bona! Bophelo ba ka bo matsohong a babolai!”
eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe.
Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.”
Ka tadima, mme ka utlwa lentswe la ntsu e fofang hodimodimo sebakeng, e bua ka lentswe le phahameng, e re: “Ho madimabe! Ho madimabe! Ho madimabe baahi ba lefatshe, ka baka la medumo ya diterompeta tseo mangeloi a mang a mararo a seng a tla di letsa!”