Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:52 - BIBELE

52 Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Ba ne ba lla kaofela, ba mo llela; empa Jesu a re: Se lleng; ha a shwa, o mpa a robetse.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

52 Ba lla bohle, ba mo llela; ha aa shoa, empa o robetse.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

52 Ba lla bohle, ba mo llela; ha aa shoa, empa o robetse.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:52
14 Referencias Cruzadas  

Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.


Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”


Ho hlaha ha tlotla ya Morena ho ne ho tshwana le kgabo ya mollo, e tukang hodima tlhoro ya thaba, moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


ba re: “ ‘Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko! Re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla!’


Jesu a latelwa ke letshwelehadi la batho, le basadi ba neng ba mo hlomohetse, ba mo llela.


Matshwele wohle a neng a phuthehetse ho tla bona, hoba a bone se etsahetseng, a kgutla a swabile haholo.


Yare ha a fihla ka tlung, a se ke a dumella motho ho kena le yena, haese Petrose, Johanne le Jakobo, le ntata ngwanana le mmae.


Ba mo ja ditsheho, kaha ba ne ba tseba hore o shwele.


Yare ha Jesu a utlwa, a re: “Ho kula hona ha ho ise lefung, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos