Ithoriseng ka lebitso la hae, lebitso la hae le halalelang, pelo tsa ba batlang Morena di ke di thabe.
Mattheu 2:10 - BIBELE Jwale ha ba bona naledi ba thaba haholo. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha ba bona naledi, ba nyakalla ka thabo e kgolo haholo. Baasraak Sotho NT Ha ba bona naledi, ba thaba ka thabo e kgolo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ba bona naledi, ba thaba ka thabo e kgolo. |
Ithoriseng ka lebitso la hae, lebitso la hae le halalelang, pelo tsa ba batlang Morena di ke di thabe.
Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.
Yare hoba ba utlwe puo ya kgosi ba tsamaya, mme naledi eo ba e boneng e hlaha ya ba etella pele ho fihlela e ema hodima moo ngwana a neng a le hona teng.
Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.
Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.
“A mo etsa mmusi wa phahama tsa lefatshe, a phela ka ho ja mabehwa-ke-naha; a mo momontsha mahe a dinotshi a etswa lefikeng, a mo fa ole e etswa fikeng la moralla;