Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Eitse ha ba bona naledi, ba nyakalla ka thabo e kgolo haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Jwale ha ba bona naledi ba thaba haholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ha ba bona naledi, ba thaba ka thabo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ha ba bona naledi, ba thaba ka thabo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 2:10
9 Referencias Cruzadas  

Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe!


Ditjhaba di ke di nyakalle, di bine difela tsa thabo; hobane o tla ahlola ditjhaba ka ho loka, o tsamaise ditjhaba lefatsheng. (Sela.)


Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.


Yare ha ba utlwile morena, ba ya; ebile naledi eo ba e boneng botjhabela, e ba etella pele, ya fihla, ya ema hodima moo ngwana a leng teng.


Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela;


Badisa bona ba kgutla, ba ntse ba rorisa Modimo, ba o boka ka baka la tsohle tseo ba di utlwileng, le tseo ba di boneng, kamoo ba di boleletsweng kateng.


O mo hlwesitse dithota tse phahameng tsa lefatshe, a ba a ja dijo tsa naha; a mo momontshitse dinotshi tse tswang mafikeng, le ole e tswang majweng a thata;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos