Mattheu 18:22 - BIBELE Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho yena: Ke re ho wena: E se ke ya eba hasupa, e mpe e be ha mashome a supileng a balwang hasupa. Baasraak Sotho NT Jesu a re ho yena: “Ha ke re ho wena, E be hasupa, empa, Ho fihlela mashome a supileng a balwang hasupa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho yena: “Ha ke re ho wena, E be hasupa, empa, Ho fihlela mashome a supileng a balwang hasupa. |
ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.
O tla boela o re utlwela bohloko, makgopo a rona o a hatakella fatshe, dibe tsa rona o di lahlela botebong ba lewatle.
“Ka baka leo, Mmuso wa mahodimo o ka tshwantshwa le kgosi e itseng, e ratileng ho hlahlobisana boemo ba tshebetso le bahlanka ba yona.
Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.
Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.
Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.
Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.