Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:26 - BIBELE

26 Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Halefang, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikela le halefile.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Halefang, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikela le halefile.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:26
22 Referencias Cruzadas  

Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale; o se ke wa itlhonamisa, esere wa etsa bobe.


Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena.


Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: ‘Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao,’ mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma.


Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto.


Bohlale ba motho bo tswala mamello, ho iphapanyetsa diphoso ke yona tlotla ya hae.


Jwalokaha moya wa leboya e le mmadipulana, leme le sebang le tsosa kgalefo.


O se itlwaetse ho halefa kapele, thoto di kwetlile kgalefo ka difubeng tsa tsona.


“Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


O mo nee moputso wa hae wa letsatsi ka leng; letsatsi le se ke la dikela a eso o fumane, hobane ke mofutsana, mme o lebeletse moputso oo, e le hore a se ke a ipiletsa ho Morena ka baka la hao, mme ebe o entse sebe.


Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,


hobane motho ya halefileng a ke ke a etsa ho lokileng pela Modimo.


Jonathane a ema, a tloha dijong a tlokoma ke kgalefo, mme ka letsatsi lena la bobedi la kgwedi a se ke a ja letho. O ne a utlwile bohloko ka baka la Davida, le kahobane ntatae o ne a mo tlontlolotse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos