Mattheu 17:7 - BIBELE Jesu a tla ho bona, a ba ama, a re: “Emang, se tshabeng!” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a atamela, a ba ama, a re: Tsohang, le se ke la tshaba. Baasraak Sotho NT Jesu a atamela, a ba ama, a re: Tsohang, le se ke la tshoha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a atamela, a ba ama, a re: Tsohang, le se ke la tshoha. |
Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto.
Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile.
Yare ha ba tshoha, mme ba tadima fatshe, banna bao ba re ho bona: “Ya phelang le mmatlelang hara bafu?
Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,