Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:18 - BIBELE

18 Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:18
13 Referencias Cruzadas  

Ha letsatsi le eya madikelong, Aborame a fihlelwa ke sephume sa boroko, mme lefifi le tshabehang la mo aparela.


Menahanong ya ka, ya ditoro, bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katela,


Ha lentswe le ntse le bua, Moya wa kena ka ho nna, wa mphahamisa, ka ema ka maoto, ka utlwa le bua ho nna.


Yaba letsoho le kang la motho le ama molomo wa ka, leleme la ka la raroloha, ka bua le ya emeng kapele ho nna, ka re: “Oho, monghadi wa ka, pono ena e nkutlwisitse bohloko, ke kgathetse matla.


Letsoho leo le kang la motho la nkama hape, mme la mmatlafatsa.


Yaba o atamela moo ke emeng teng. Ha a fihla ka tshoha haholo, ka itihela fatshe ka sefahleho. Empa yena a re ho nna: “Utlwisisa, wena ngwana motho, hore pono ena e supa mehla ya bofelo.”


Yaba nna Daniele, ke a akgeha, mme ka qeta matsatsi a mangata ke kula. Hamorao ke ile ka tsoha, ka nna ka phetha mesebetsi eo ke neng ke e abetswe ke kgosi. Pono ena e ile ya mmakatsa, empa ha ho motho ya neng a ka e utlwisisa.


Lengeloi le neng le bua le nna la kgutla hape, la ntsosa jwalokaha ho tsoswa motho ya kgalehileng.


Ha a rapetse a ya ho barutuwa, a ba fumana ba kgalehile ke maswabi,


Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba imetswe ke boroko; yare ha ba phaphama, ba bona tlotla ya Jesu le banna ba babedi ba emeng le yena.


Jwale ka baka la ho tshepa tshepiso eo Modimo a e etseditseng bo-ntata rona, ke eme mona ho ahlolwa.


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos