Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:18
13 Referencias Cruzadas  

Yare ha letsatsi le ya dikela, boroko bo boholo ba tshwara Abrame, mme bona, botshabeho jwa lefifi le leholo jwa mo wela hodimo.


Yare nahanong ya ditaba le diponong tsa bosiu, ka nako eo boroko bo kgalang batho,


A re a sa bua le nna, moya wa kena ka ho nna, mme wa nkemisa ka maoto a ka, mme ka mamela ya buang le nna.


Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla.


Yaba ke boela ke angwa ke ya tshwanang le motho, a busetsa matla ho nna,


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Yaba nna Daniele, ke wa ke idibane, ka kula ka ditshiu tse ding; ka ntoo tsoha, ka tshwara mesebetsi ya morena, ke ntse ke maketse ke pono eo, eo ho seng motho ya neng a ka e utlwa.


Lengeloi le neng le bua le nna la boela la kgutla, la ntsosa, jwalokaha ho tsoswa motho borokong.


Yare ha a tsoha thapelong, a tla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse ke ho swaba;


Empa Petrose, le ba nang le yena, ba ne ba tshwerwe ke boroko. Yare ha ba tsoha, ba bona kganya ya hae, le banna ba babedi ba nang le yena.


Mme jwale ke eme mona, ke tle ke ahlolwe ka baka la ho tshepa pallo e baletsweng bontata rona ke Modimo,


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos