Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba o re ho nna: Bona, ke tla o bontsha se tla etsahala qetellong ya kgalefo, hobane bofello bo tla etsahala ka nako e beilweng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Yaba o re: “Ke tla o bolella tse tla etsahala mohla kgalefo e felang, hobane di amana le mehla ya bofelo.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:19
15 Referencias Cruzadas  

O tla tsoha, o hauhele Sione, hobane e se e le nako ya ho mo utlwela bohloko; e, nako e lekantsweng e tlile.


Haele marena ao a mabedi, ha a ka ke a hopola letho pelong tsa wona haese ho senyetsana; tafoleng e le nngwe ba tla buisana ka leshano. Empa hoo ho ke ke ha tiya, etswe bofelo bo beetswe nako esele.


Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.


Qetellong ya puso ya wona, ha baetsadibe ba se ba tlatsitse tekanyo, ho tla hlaha morena ya sefahleho se thata, ya bohlale ho loha mano;


hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.


Empa ho tla ba madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo, hobane tsietsi e tla ba kgolo lefatsheng, mme bohale bo tla wela setjhaba sena.


Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae,


empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha, kamoo o boleletseng bahlanka ba wona, baporofeta kateng.


Ditjhaba di ne di halefile, mme bohale ba hao bo hlahile, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho ntsha moputso wa bahlanka ba hao ba baporofeta le wa bahalaledi le wa ba tshabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le ya ho senya ba senyang lefatshe.


Yaba ke bona lehodimong mohlolo o mong, o moholo, o makatsang, e leng mangeloi a supileng a tshwereng dikotsi tse supileng tsa qetello; hobane bohale ba Modimo bo ya phetheha ka tsona.


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos