Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”
Mattheu 14:31 - BIBELE Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?” Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng? Baasraak Sotho NT Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng? |
Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”
Leha nka phela hara ditsietsi, wena o baballa bophelo ba ka; letsoho la hao le ntshireletsa bohaleng, bohaleng ba dira tsa ka, letsoho la hao le letona le a mpholosa.
O kae ya neng a tataise tsoho le letona la Moshe, a le tataisa ka tsoho le tlotlehang la hae; ya neng a arohanye metsi kapele ho bona, a etsa hore bitso la hae le tume kamehla yohle?
Empa ha a utlwa moya wa sefefo a tshoha, a qala ho teba, mme a howa, a re: “Morena, mpholose!”
Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: ‘Ke hobane ha re a tla le bohobe?’
A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.
Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?
A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!
Jesu a ya ho yena, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, yaba feberu e a mo tlohela, mme a ba sebeletsa.
Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho, a mo ama, a re ho yena: “Ke a rata; hlweka!”
Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.
Le mpe le yo bolella barutuwa ba hae le Petrose, le re: ‘O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse!’ ”
Yaba o mo tshwara ka letsoho, o re ho yena: “Talitha, kumi!” e leng ho re: “Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha!”
Otlolla letsoho la hao ho fodisa, mme mehlolo le dimakatso di etswe ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.”
“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.
Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.
Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.