Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 11:23 - BIBELE

23 Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hobane kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, a sa belaele pelong ya hae, a mpa a dumela hoba tseo a di bolelang di ka etswa, o tla etsetswa tsona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng; mme a ke ke a belaela pelong ya hae, a mpa a dumela hore tseo a di bolelang di tla etsahala; o tla fuoa seo a se buang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng; mme a ke ke a belaela pelong ya hae, a mpa a dumela hore tseo a di bolelang di tla etsahala; o tla fuoa seo a se buang.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 11:23
11 Referencias Cruzadas  

Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao.


Yare ha Jesu a utlwa pehi eo, a tloha moo ka sekepe, a ikela nahathothe boinotshing. Matshwele ha a utlwa a mo latela ka maoto, a etswa metseng.


A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.


Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala,


Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: ‘Iphothole, o itlhome lewatleng,’ mme se ne se ka le mamela.


Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.


Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios