Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 4:40 - BIBELE

40 A re ho bona: “Le boi keng? Na ha le eso be le tumelo?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Yaba o re ho bona: Le boi keng hakalo? Le hloka keng tumelo?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

40 A re ho bona: Le tshoha keng? le hloka tumelo jwang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 A re ho bona: Le tshoha keng? le hloka tumelo jwang?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:40
10 Referencias Cruzadas  

Ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehile, ha a ka ke a tima lebone, a le tima le taitsa. O tla ahlola bohle ka botshepehi.


Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.


Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?”


Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: ‘Ke hobane ha re a tla le bohobe?’


Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?


A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!


Ba tshoha haholo, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya mamelwang ke moya le ke letsha?”


Yaba o re ho bona: “Tumelo ya lona e ho kae?” Ba tshoha, ba hlollwa, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya laelang le meya le metsi, mme di mo mamele?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos