Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 14:31 - Baasraak Sotho NT

31 Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 14:31
23 Referencias Cruzadas  

Empa ha a bona moya o fokang, a tshoha; mme a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose!


Eitse ha ba kena sekepeng, moya wa kokobela.


Jesu ha a di tseba, a re ho bona: “Lona ba tumelo e nyenyane!


Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; mme e tla tloha; mme ha ho letho le le sitang.


Ha ho le jwalo, ekare ha Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping, na a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?


A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo.


A tla, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; mme feberu ya phakisa ya mo tlohela, mme a ba sebeletsa.


Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata; o hlweke.


Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng; mme a ke ke a belaela pelong ya hae, a mpa a dumela hore tseo a di bolelang di tla etsahala; o tla fuoa seo a se buang.


Empa tsamayang, le bolelle barutuwa ba hae le Petrose, le re: O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse.


A re ho bona: Le tshoha keng? le hloka tumelo jwang?


A tshwara letsoho la morwetsana, a re ho yena: Talitha kumi; ke ho re, ha ho fetolwa: Ngoanana, ke re ho wena: Tsoha!


ba re: “Ruri, Morena o tsohile bafung, mme o bonahetse ho Simone.


Ka ho otlolla letsoho la hao ho fodisa; le hore dipontsho le meeka di tle di etswe ka lebitso la Jesu, Mora wa hao ya halalelang.


Jwale ke rata hore banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a halalelang, ba se na kgalefo le dipelaelo.


Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos