Mattheu 13:54 - BIBELE a fihla motseng wa habo, mme a rutela batho tlung ya bona ya thapelo, hoo ba ileng ba hlollwa, mme ba re: “Bohlale boo le diketso tsee tse hlollang, eo o di nka kae? Sesotho 1909/1961 (SO) Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae? Baasraak Sotho NT Eitse ha a fihla naheng ya habo, a ruta sinagogeng ya bona, hoo ba bileng ba hlollwa, ba re: Enwa o nkile bohlale boo le mehlolo ee kae? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a fihla naheng ya habo, a ruta sinagogeng ya bona, hoo ba bileng ba hlollwa, ba re: Enwa o nkile bohlale boo le mehlolo ee kae? |
a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.
Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.
Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.
Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.
Ha bohle ba mo tsebileng pele ba mmona a porofeta le baporofeta, batho ba botsana, ba re: “Ke eng ee e etsahalang ho mora wa Kishe? Na Saule le yena ke moporofeta?”