Ba kgopo ba jwaloka meutlwa, meutlwa e lahlwang, e ke keng ya tshwarwa ka letsoho la motho;
Mattheu 13:41 - BIBELE Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo; Sesotho 1909/1961 (SO) Mora motho o tla roma mangeloi a hae; a tla kgetha mmusong wa hae dikgopiso tsohle le ba etsang bokgopo, Baasraak Sotho NT Mora motho o tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella ho tswa mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mora motho o tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella ho tswa mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo; |
Ba kgopo ba jwaloka meutlwa, meutlwa e lahlwang, e ke keng ya tshwarwa ka letsoho la motho;
“Ke tla timetsa batho, ke timetse diphoofolo, ke timetse nonyana tse fofang sepakapakeng, ditlhapi tsa lewatle le tsona ke di timetse. Ke tla fedisa dikgopiso mmoho le ba kgopo, batho bohle lefatsheng le bona ke ba timetse,” ho rialo Morena.
Ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale; mangeloi a tla tla a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,
Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso. Dikgopiso di tlameha ho hlaha, empa ho madimabe motho eo dikgopiso di hlahang ka yena.
O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”
Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”
Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”
O tla roma mangeloi a hae, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lafatshe, ba etswa pheletsong ya lefatshe, ho isa pheletsong ya lehodimo.”
Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.
Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?
Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.