Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:41 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Mora motho o tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella ho tswa mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Mora motho o tla roma mangeloi a hae; a tla kgetha mmusong wa hae dikgopiso tsohle le ba etsang bokgopo,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 Mora motho o tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella ho tswa mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:41
18 Referencias Cruzadas  

Ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe: mangeloi a tla tswa, a kgethe ba kgopo ho ba lokileng;


Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso! gonne dikgopiso di tshwanetse go tla; empa ho madimabe motho eo kgopiso e tlang ka yena!


O tla roma mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe.


Seolo sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong; empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.


Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.


Ke moo a tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.


Ka letsatsi leo ka lona Modimo o tla ahlola diphiri tsa batho ka Jesu Kreste, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka.


Na kaofela hase meya e sebeletsang, e rometsweng ho sebeletsa bao e tla ba majalefa a poloko?


Ho ke ke ha kena teng letho le ditshila, leha e le mang le mang ya etsang manyala, le leshano, haese ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos