Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 23:6 - BIBELE

6 Ba kgopo ba jwaloka meutlwa, meutlwa e lahlwang, e ke keng ya tshwarwa ka letsoho la motho;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Haele ba bolotsana, kaofela ha bona ba ka meutlwa e lahlwang, e se nang ho tshwarwa ka letsoho;

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 23:6
12 Referencias Cruzadas  

Mobu oo o tla o medisetsa meutlwa, o o medisetse le tshehlo, o je meroho ya naha.


Gilegale ho ne ho ena le monna ya kgopo, ya neng a bitswa Sheba. E ne e le mora wa Bikiri wa Mobenjamine. Sheba a letsa lenaka, a re: “Ha re amane ka letho le Davida, mora wa Jese hase letho ho rona. Baiseraele, motho le motho lapeng la hae!”


Ha moratuwa a le hara barwetsana o ka mohaladitwe hara meutlwa.


Ho halefa ha ke a halefa. Ha ho ne ho eme hlabahlabane, ho eme le meutlwa kapele ho nna, ke ne ke tla e futuhela ke e lwantshe, ke e hatakele kaofela ha yona, ke e tjhese.


Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka, di tjhe jwaloka fate tsa leoka tse remilweng.”


Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.


Ya lokileng ho ba feta o ka hlabahlabane, ya tshepahalang ho ba feta o ka lekgwakgwa le baletswe ka leoka. Letsatsi la balebedi ba hao le fihlile, letsatsi leo Modimo a tla o otla ka lona, nako ya hore ba ferekane jwale e fihlile.


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;


‘Ditlokotsebe tse ding di tswile hara lona, di kgelositse baahi ba motse wa habo tsona, di re: A re yeng, re yo sebeletsa medimo e meng, eo le sa kang la e tseba,’


Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena,


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos