“Baetsadibe ba tletse kgalefo dipelong tsa bona, leha ba se ba tlamilwe ha ba ke ba kopa thuso.
Mattheu 12:32 - BIBELE Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla. Baasraak Sotho NT E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla. |
“Baetsadibe ba tletse kgalefo dipelong tsa bona, leha ba se ba tlamilwe ha ba ke ba kopa thuso.
Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: ‘Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe.’ Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.”
Ka baka leo, ke a le bolella, batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le nngwe, empa ha e le nyefolo e nyefolang Moya o Halalelang, ba ke ke ba e tshwarelwa.
Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.
Sera se o jetseng ke Diabolosi. Kotulo ke bofelo ba mehla ya jwale; bakotudi ke mangeloi.
“Jwalokaha mofoka o ye o fotholwe, o tjheswe mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale.
Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda?
Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”
eo mehleng ya jwale a ke keng a fuwa halekgolo matlo, le bana babo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le ditlhoriso, a nto amohela bophelo bo sa feleng mehleng e tlang.
“Kannete ke le bolella hore bana ba batho ba tla tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba di buang,
empa mang kapa mang ya nyefolang Moya o Halalelang a ke ke a tshwarelwa ho isa kgale; o molato wa sebe se sa feleng,”
Mang le mang ya tla bua lentswe le hanyetsang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa ya nyefolang Moya o Halalelang a ke ke a tshwarelwa.
“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.
eo nakong ena a ke keng a buseletswa haholo, mme mehleng e tlang a amohela bophelo bo sa feleng.”
Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.
Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: ‘Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!’
Ho ne ho ena le ho dumaduma ho hongata ka yena letshweleng; ba bang ba ne ba re: “O lokile.” Ba bang ba re: “Tjhe, o kgelosa letshwele.”
A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.
Ba mo araba, ba re: “Na le wena o tswa Galelea? Fuputsa, mme o tla bona hore ha ho moporofeta ya tswang Galelea.”
hore a tle a be kahodimo ho puso yohle, bookamedi bohle, matla wohle, le borena bohle ba meya e busang: kahodimo ho mang kapa mang, mehleng ena kapa mehleng e tlang.
leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.
Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala, le reng Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe, bao nna ke leng e mobehadi hara bona.
Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.
Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.
hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.
O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale,
Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.