Mattheu 12:16 - BIBELE a ba laya hore ba se ke ba etsa hore a tsejwe; Sesotho 1909/1961 (SO) A ba laya, a re, ba se ke ba mmolela; Baasraak Sotho NT A ba laya hore ba se ke ba bolela ka yena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba laya hore ba se ke ba bolela ka yena; |
Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”
Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”
Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”
Jesu a ya letsheng le barutuwa ba hae, mme letshwelehadi le tswang Galelea le Judea la mo latela;
Jesu a ba laya ho se bolelle motho, empa leha a ba laile, ba tswela pele ho phatlalatsa taba eo.