Mattheu 12:14 - BIBELE Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng. Sesotho 1909/1961 (SO) Bafarisi ha ba tswile, ba mo rera, kamoo ba ka mmolayang kateng. Baasraak Sotho NT Yaba Bafarisi ba tswela ntle, ba rera ho mo timetsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Bafarisi ba tswela ntle, ba rera ho mo timetsa. |
Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,
Bafarisi ba tswa, mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.
Kaha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba tshaba batho, ba batla leqheka la ho bolaya Jesu.
Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore ha e mong a ka tseba moo a leng teng, a bolele, ba tle ba mo tshware.
Ka baka lena, Bajuda ba eketsa ho batla ho mmolaya, e seng feela hobane a tlola molao wa Sabatha, empa a bile a itse, Modimo ke Ntatae ka sebele, a iketsa ya lekanang le Modimo.
Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.
Bafarisi ba utlwa letshwele le dumaduma tse jwalo ka Jesu, mme baprista ba baholo le Bafarisi ba roma bahlanka ho mo tshwara.