Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”
Mattheu 10:36 - BIBELE mme ba ntlo ya motho e tla ba dira tsa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) le bafo ba motho e tla ba dira ho yena. Baasraak Sotho NT Mme baba ba motho e tla ba ba ntlo ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme baba ba motho e tla ba ba ntlo ya hae. |
Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”
Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.
Hoja ke sera se ntlhapaolang, ke ne ke tla mamella; hoja ya ntlhoileng ke yena ya ikgantshetsang nna, ke ne ke tla ipatela yena.
“Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong.
Bang ka wena esita le bana beno, bana le bona ba o ekile, ba kene hara letshwele ho o lwantsha, o se ka ba tshepa, leha ba o buisa hantle.”
Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”
Mora o hlompholla ntatae, moradi o fetohela mmae, ngwetsi e fetohela matsalayo, ba lapa la motho ke bona dira tsa hae.
“Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe.
Petrose a re ho yena: “Ha o ka ke wa ntlhatswa maoto le kgale!” Jesu a mo araba, a re: “Ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.”
Eliabe, moholwane wa hae, o ne a ntse a utlwa ha Davida a bua le banna bao. Bohale ba hae ba tlokomela Davida, mme a re: “O tlisitswe keng moo? Mohlatswana ola wa dinku o o siile le mang, kwa lehwatateng? Ke tseba boikakaso ba hao, le pelo ya hao e mpe! O tlile kwano feela hore o tlo shebella ntwa!”