Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 19:2 - BIBELE

2 “Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 19:2
20 Referencias Cruzadas  

Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri.


Ditjhaba tsa timetsana, le metse ya timetsana, hobane Modimo o ne a ba tliseditse ditsietsi tsohle.


Batho bohle ba tla hatellana, motho ka mong a hatelle e mong, ba ahisaneng le bona ba hatellane. Batjha ba tla tsohela baholo ba bona matla, ba eisehang ba tsohele batlotlehi matla.


Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Tjhaba di utlwile ho tlontloloha ha hao, fatshe lohle le tletse seboko sa hao, senatla se thulane le senatla se seng, bobedi ba tsona tsa wela fatshe mmoho.”


Pelo tsa lona di se ke tsa nyahama, taba tsa bo-fuufu di se ke tsa le tshosa, taba tsa bofuufu tse tletseng hara naha. Jwalokaha dilemo di hlahlamana, tsa bofuufu le tsona di a hlahlamana; naha e ferekantswe ke moferefere, babusi le bona ba a suthisana.


Ke tla dihela Gogo dikoduwa ka mefuta ya tsona dithabeng tsohle tsa ka, ho rialo Morena Modimo. Motho ka mong o tla bolaya ngwanabo ka sabole.


Pele ho nako eo, ho ne ho sa hirwe motho kapa pelesa. Ho ne ho se ya phethang mosebetsi wa hae ka bolokolohi ka baka la ho tshaba dira tsa hae, hobane nna ke ne ke qabantse motho le ngwanabo.


“Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe.


mme ba ntlo ya motho e tla ba dira tsa hae.


Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang.


Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata.


Haeba mmuso o ikarola ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya.


Ha Baiseraele ba letsa manaka a makgolo a mararo, Morena a etsa hore Bamidiane ba hlabane ka disabole, hara lebotho lohle la bona. Lebotho leo la baleha, la ya fihla Bete-Shita, nqa Serera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, pela Tabate.


Modimo a romela moya o mobe pakeng tsa Abimeleke le banna ba Shekeme. Banna bao ba Shekeme ba fetohela Abimeleke,


Bo-modulaqhowa ba Saule ba Gibea e Benjamine ba lebella, mme ba bona letshwele le nyamela, le phasaphasa.


Saule le banna ba neng ba ena le yena ba bokana, ba ikakgela ntweng. Ba fumana pherekano e le kgolo, Bafilesita ba hlabana ka disabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos