Mattheu 10:20 - BIBELE hobane ho tla be ho sa bue lona, empa e tla be e le Moya wa Ntata lona o buang ka lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya wa Ntata lona o buang ka lona. Baasraak Sotho NT Hobane ha se lona ba buang, empa ke Moya wa Ntata lona o buang ka lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ha se lona ba buang, empa ke Moya wa Ntata lona o buang ka lona. |
Tsena tsohle di labalabelwa ke bahedene; athe Ntata lona ya mahodimong o tseba hore le di hloka tsohle.
Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.’
Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”
hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.
Jwale Saule, ya bileng a bitswang Paulosi, a tletse Moya o Halalelang, a mo tadimisisa, a re:
Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.
Yare ha ba sa dumellane, ba qhalana, kamora hoba Paulosi a bue hape, a re: “Moya o Halalelang o buile hantle ho bo-ntata lona, ka moporofeta Esaya,
Jwale Petrose, a tletse Moya o Halalelang, a ba araba, a re: “Babusi ba setjhaba le baholo,
kaha le batla bopaki ba hore Kreste o bua ka nna. Yena ha a le fokolle, empa o matla hara lona.
Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.
Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.
hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.