Mattheu 1:2 - BIBELE Aborahama a tswala Isaka, Isaka a tswala Jakobo, Jakobo a tswala Juda le bana babo, Sesotho 1909/1961 (SO) Abrahama a tswala Isaaka; Isaaka a tswala Jakobo; Jakobo a tswala Juda le banababo; Baasraak Sotho NT U-Abrahama wazala u-Isaka; u-Isaka wazala Jakobo; Jakobo o ile a tsoala Juda le eena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 U-Abrahama wazala u-Isaka; u-Isaka wazala Jakobo; Jakobo o ile a tsoala Juda le eena; |
Kamora moo ha hlaha moena wa hae, mme letsoho la hae le ne le tshwere serethe sa Esau, yaba ba mo rea lebitso la Jakobo. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng ha a ba tswala.
“Empa wena Iseraele, o leng mohlanka wa ka, wena Jakobo, eo ke mo kgethileng, wena tloholo sa Aborahama, motswalle wa ka,
Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa.
Ha balwa bana ba Juda ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo.
Juda a tswala Farese le Sara ka Tamare, Farese a tswala Heserone, Heserone a tswala Arame,
Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.
Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.
Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista.
Lelokong la Juda ho ne ho tshwailwe ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Rubene, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Gade, ba dikete tse leshome le metso e mmedi;