La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mareka 8:2 - BIBELE

“Ke utlwela batho bana bohloko, hobane ba se ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na se jewang.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane e se e le matsatsi a mararo ba dutse le nna, mme ha ba na seo ba ka se jang.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane e se e le matsatsi a mararo ba dutse le nna, mme ha ba na seo ba ka se jang.

Ver Capítulo



Mareka 8:2
23 Referencias Cruzadas  

Ha a tadima, a bona senkgwa se besitsweng mollong wa mashala, pela hlooho ya hae ho ena le lekuka la metsi. Yaba o a ja, o a nwa, a nto kgaleha hape.


Jwalokaha ntata bana a ba utlwela bohloko, ka mokgwa o jwalo le Morena o utlwela ba mo tshabang bohloko.


Mahlo a bohle a lebeletse wena, hore o ba fepe ka nako e lokelang.


Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko, o dieha ho halefa, o tletse mohau.


O tla boela o re utlwela bohloko, makgopo a rona o a hatakella fatshe, dibe tsa rona o di lahlela botebong ba lewatle.


Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona.


Jesu a di utlwela bohloko, a ama mahlo a tsona; hanghang tsa bona, mme tsa mo latela.


Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho, a mo ama, a re ho yena: “Ke a rata; hlweka!”


Jesu a se ke a mo dumella, a mpa a re ho yena: “Eya hae, ho ba heno, o ba bolelle tsohle tseo Morena a o etseditseng tsona, ka ho o utlwela bohloko.”


Ba kena ka sekepeng, ba ya nahathothe boinotshing.


Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.


Haeba ke ba qhala ho ya hae ba lapile, ba ka fellwa ke matla tseleng; ebile ba bang ba bona ba tswa hole.”


o atisa ho mo lahlela mollong le metsing, hore o tle o mo timetse, empa haeba o ka etsa ho hong, re hauhele, mme o re thuse.”


A tsamaya, a ya ho ntatae. “Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka.


Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.


Erekaha le yena a imetswe ke mefokolo e mengata, a ka ba le hona ho qenehela ba sa tsebeng le ba kgelohileng.