A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.
Luka 4:8 - BIBELE Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a mo araba a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe. O tla kgumamela Morena, Modimo wa hao, o sebeletse yena feela. Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho yena: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Jehova, Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho yena: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Jehova, Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi. |
A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.
Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle.
Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”
Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”
Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’ ”
Le tshabe Morena Modimo wa lona. Le mo sebeletse, le mo kgomarele, le hlapanye ka lebitso la hae.
Itwaneleng le tiile tumelong; tsebang hore mahloko a tshwanang le a lona a ntse a hlahela bana babo lona bohle, lefatsheng lohle.
Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”
Lengeloi la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno, baporofeta, le wa ba bolokang mantswe a buka ena. Kgumamela Modimo.”
Samuele a re ho bohle ba ntlo ya Iseraele: “Haeba le kgutlela ho Morena ka dipelo tsa lona tsohle, lahlang medimo ya baditjhaba e hara lona, le Asetarote. Le lebise dipelo tsa lona ho Morena, le sebeletse yena feela, mme o tla le namolela matsohong a Bafilesita.”