La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 4:7 - BIBELE

ka baka leo, haeba o nkgumamela, e tla ba ya hao yohle.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mme jwale, wena, ha o kgumama pela ka, tsohle e tla ba tsa hao.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ha o ka nkgumamela, tsohle e tla ba tsa hao.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ha o ka nkgumamela, tsohle e tla ba tsa hao.

Ver Capítulo



Luka 4:7
11 Referencias Cruzadas  

Dikgosi tsohle di itihe kapele ho yena, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.


Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: ‘Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena.’ ”


Ba bang ba ntsha kgauta ka mekotleng ya bona, ebe ba bea silefera sekaleng, ba hira lelala la kgauta ho etsa setshwantsho, tshwantsho sa modimo wa bohata, ba se obamele, ba se kgumamele.


Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.


a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.


Yaba Diabolosi o re ho yena: “Ke tla o fa matla ana wohle le maruo a mebuso eo, hobane ke e filwe, mme ke e fa mang le mang eo ke ratang ho mo fa yona;


Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”


Nna Johanne, ke utlwile tsena, mme ke di bone. Ha ke se ke di utlwile, mme ke di bone, yaba ke itihela maotong a lengeloi le neng le mpontsha tsena, ka re ke a le kgumamela.


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re:


Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi.