Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 17:16 - BIBELE

16 a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 A itihela fatshe ka sefahleho maotong a hae, a mo leboha; mme e ne e le Mosamaria.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 A itihela fatshe ka sefahleho maotong a hae, a mo leboha; mme e ne e le Mosamaria.

Ver Capítulo Copiar




Luka 17:16
21 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborame o itihela fatshe ka sefahleho, mme Modimo a bua le yena, a re:


Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria;


Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.


Empa mosadi, ka ho tseba se etsahetseng ho yena, a tla ka tshabo le ka thothomelo, a itihela kapele ho yena, mme a mmolella nnete yohle.


Jesu a botsa, a re: “Ha ke re ho fodisitswe ba leshome? Ba robong ba kae?


Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”


Mosadi wa Mosamaria a re ho yena: “O ka nkopa ho nwa jwang o le Mojuda, nna ke le mosadi wa Mosamaria?” Bajuda ha ba na taba le Basamaria.


hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.


Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?”


empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.”


Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha. O tla itihela fatshe, a kgumamele Modimo, a phatlalatse, a re: “Ruri Modimo o teng hara lona.”


Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re:


Yaba dibopuwa tse nne tse phelang di re: “A ho be jwalo!” Le baholo ba itihela fatshe, ba mo kgumamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos