La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 21:1 - BIBELE

Yare ha Jesu a phahamisa mahlo, a bona barui ba nokela dinyehelo tsa bona letloleng la matlotlo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse ha Jesu a ntse a tadima, a bona barui ba nokelang dimpho tsa bona polokelong ya letlotlo.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yare ha a tadima, a bona barui ba lahlelang dineo tsa bona polokelong ya letlotlo.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yare ha a tadima, a bona barui ba lahlelang dineo tsa bona polokelong ya letlotlo.

Ver Capítulo



Luka 21:1
12 Referencias Cruzadas  

A hapa matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A hapa tsohle, a hapa le dithebe tsa kgauta tse neng di entswe ke Solomone.


Yaba moprista Jehoyada o nka letlole, o phunya lesoba hodima sekwahelo sa lona, o le bea pela aletare, ka letsohong le letona ha motho a kena ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba lebelang monyako ba ne ba kenya tjhelete yohle e neng e tliswa Tempeleng ya Morena, ka letloleng leo.


Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena.


Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona.


Ka kgetha moprista Shelemiya, le Sadoke eo e neng e le mongodi, le Pedaya wa Molevi, ho ba baokamedi ba matlo a polokelo. Ba ne ba tlatsitswe ke Hanane, mora wa Sakure, setloholo sa Mataneya, hobane ba ne ba tshepahala, mme mosebetsi wa bona e le ho nea bana babo bona diabo tsa bona.


Baprista ba baholo ba nka ditjhelete tseo, ba re: “Ha ho dumellehe hore di kenngwe polokelong ya ditjhelete tsa Tempele, hobane ke tsa theko ya madi.”


tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


Dipolelo tsena o ne a di bua a le polokelong ya matlotlo, a ruta ka Tempeleng, mme ha ho ya ileng a mo tshwara, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.


Empa ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, ke tsa Morena. Tsona di tla kena letloleng la Morena.”


Motse wona ba o tjhesa ka mollo, le tsohle tse neng di le kahara wona. Ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, tsona ba di kenya letloleng la ntlo ya Morena.